Mekhoa ea ho Patala
Ka kopo bala Melaoana ea Tšebeletso pele u lefa. Re na le mekhoa e 'maloa ea ho lefa' me re tšepa ho eketsa e meng kamoso. Hore moralo oa hau oa premium o amoheloe 'me o sebetse u hloka payment code. Ntle le ha re na le special.
Ka tlase re bonts'a hore na u ka payment code joang bakeng sa mokhoa oa tefo oo u ka o khethang.
U ka lefa u sebelisa M-Pesa, EcoCash, C-pay kapa banka. Tobetsa lebitso le nepahetseng ho ithuta haholoanyane.
Heading 6
M-Pesa Merchant Name : Sothofy
M-Pesa Merchant Till Number : 43257
(e tsejoa hape e le Merchant Code).
Tobetsa letšoao haeba u sa tsebe ho lefa u sebelisa M-pesa. Kamora ho lefa, ho tsoa ho SMS eo u tla e fumana, payment code ke kh'outu e bontšitsoeng selikalikoeng. E kopitse kamoo e leng kateng. Sebelisa lebitso la khoebo ea hao e le referense bakeng sa ho fumana ts'ebeletso e potlakileng.

Melaoana ea Tšebeletso
(1) Mona Khoebong ha re amohele chelete 'me re ke ke ra e amohela. Ha ho le ea mong oa li-sales agent tsa rona ea lumeletsoeng ho amohela chelete.
(2) Bakeng sa lipotso le tlhalosetso e batsi mabapi le litefo le/kapa lintlafatso, ka kopo ikopanye le rona ka WhatsApp. Link e tlase leqepheng.
(3) Ho sebelisa litšebeletso tsa premium, u lokela ho ngolisa personal account ea mahala. Penya Login/Register ho qala.
(4) Hopola hore payment code e 'ngoe le e 'ngoe e lumeletsoeng e ka sebelisoa hanngoe feela.
(5) Bareki bohle ba moralo oa Premium (le oa Website) ba ka sebelisa leqephe la Nchafatsa Lintlha tsa Khoebo ho fetola lintlha tsa khoebo ea bona, che ntle le lebitso le logo feela, tsona ha li fetohe .
(6) Likhoebo tse ngata li lumelloa ho ingolisa Khoebong, esita le likhoebo tse sa reroang le tse sa ngolisoang. Leha ho le joalo, likhoebo tse etsang lintho tse ka lemetsang kapa tse kotsi kapa liketso tse seng molaong ha lia lumelloa . Tsena li kenyelletsa thekiso ea lithethefatsi, libetsa, khoebo ea batho, ho hoeba ka 'mele joalo joalo.
(7) U ka emisa leano la hau neng kapa neng, leha ho le joalo ha re fane ka puseletso. Lipeeletso tsohle ha li khutlisetsoe chelete .
(8) Lintlha tsa hau li tla tsoela pele ho sebelisoa e le karolo ea lenane la Morero oa Mahala haeba leano la hau la premium le sa nchafatsoa.
(9) Kamehla re tla romela likhopotso tse peli mabapi le tefo e lokelang ho lefshoa pele re tlosa leqephe la hau ho li-Search engine.







